Phasepoto ya hao ya ho kena metsing ka polokeho
Dikeletso tsa polokeho bakeng la bao ba ratang metsi
O SE KE WA BA E MONG YA TLA BALWA HARA BA TSWILENG KOTSI NAKONG YA MAFELO A SELEMO!
Jwalo ka ha mafelo a selemo a fihlile mme le batho ba bangata ba ya phomolong, ba Ditshebeletso tsa Seponesa sa Afrika Borwa ba rata ho lemosa bao ba ratang ho kena metsing hore ba fadimehe haholo.
KE TSENA DIKELETSO TSE MMALWA TSA BOHLOKWA BAKENG LA HO ETSA BONNETE BA HORE LE A BOLOKEHA:-
Etsa bonnete ba hore bao o nang le bona ba kgona ho sesa bakeng la ho qoba ho nwela.
Ha o kena sebakeng sefe kapa sefe se bulehileng sa metsi, kapa ka hara ntho e itseng, e kenyelletsang seketswana sa boholo bofe kapa bofe, di-ski kapa di-wind surfer, etsa bonnete ba hore o apare baki ya pholoso. Sesebediswa sena se tla etsa bonnete ba hore o dula o ntse o le ka hodima metsi mme o phela, ha o ka hlahelwa ke mathata.
Latela melawana yohle e sebediswang dipalangweng tsa metsing ka ha e radilwe ka sepheo sa ho etsa bonnete ba hore o a bolokeha.
Ha o ka ba haufi kapa ka hara metsi, o se ke wa nwa jwala, wa sebedisa dithethefatsi kapa mofuta ofe kapa ofe wa moriana, ka ha hona ho ka etsa hore tsepamiso ya hao ya maikutlo e theohe, athe hape ho ka fokodisa le monahano le bokgoni ba mmele hoo o ke keng wa kgona ho ipholosa kapa ho pholosa e mong, mme ka hona o tla be o ipeha kotsing e kgolo.
Dula o fadimehile ka dinako tsohle ha bana le maqheku ba le sebakeng seo o leng ho sona, hobane ba ka hloka thuso ya hao ha ba ka ba le mathata
O se ke wa kena ka metsing ha ho na le sefefo, kapa pele feela ha hoba mafube a hlahe, kapa ka morao feela ha hoba letsatsi le dikele, hobane hona ho ka etsa hore ho be boima haholo hore o bone hore o ka ba le mathata.
O se ke wa sesa o le mong, mme fana ka matshwao a hlakileng a matsoho ha o le bothateng.
Tlohela ho sesa dibakeng tseo ho sa dumellwang ho tsona, ka ha dibaka tsena di behetswe meedi jwalo ho etsa bonnete ba hore le a bolokeha.
Ela hloko, ha o sesa metsing a mathang le moo ho nang le dikgohola, o se ke wa kena moo.
O se ke wa nka ka hore hoo ho ke ke hwa etsahala ho wena kapa eo o mo ratang, e be le ba bang ba batho ba balwang ba hlahetswe ke kotsi ya metsing. Re tshwanetse ho ananela taba ya hore hona ho ka hlahela mang kapa mang, ho kenyelletswa le batho ba ratang metsi ba nang le boiphihlelo bo hodimo le ba seprofeshenale.
DIKELETSO TSENA TSA POLOKEHO DI HLAHISITSWE KE BA DITSHEBELETSO TSA SEPONESA SA AFRIKA BORWA, LEKALA LA THIBELO YA BONOKWANE, BA DITSHEBELETSO TSA MAPONESA A BONAHALANG HOHLE, BA DITSHEBELETSO TSA TSHEHETSO TSA YUNIFOMO E KGETHEHILENG, TSHEHETSONG YA DIKETSO TSE NKUWANG KE BASESI BA MAPONESA LE BA HLOKOMELANG DIPALANGWANG TSE KENANG METSING KA NAKO EO BA LEBETSENG DIBAKA TSE HAUFI LE METSI MOLEMONG WA MERABE.
SEPHEO SA RONA KE HO LE BONA LE BOLOKEHILE?.
Phasepoto ya hao ya polokeho ha o Kwetetswe kapa o Haejekilwe
DIKELETSO TSA POLOKEHO: HA HO KA ETSAHALA HORE O KWETELWE KAPA O HAEJEKWE
SEPHEO SA DIKELETSO TSE LATELANG TSA POLOKEHO KE HO TSEBISA MOTHO YA KA KWETELWANG KAPA A HAEJEKWA SEO A KA SE ETSANG. HO BOHLOKWA HO LEMOHA HORE DIPHOFU TSE NGATA TSE KWETELWANG / HAEJEKUWANG DI A PHOLOHA HO KWETELWENG / HAEJEKUWENG HOO KA HO LOKOLLWA KAPA HO PHOLOSWA KE BA BANG. HANGATA HO LEMALA/HO HLOKAHALA HA DIPHOFU HO BAKWA KE DIKETSO TSE SA NEPAHALANG TSE ETSWANG KE DIPHOFU KA BOTSONA.
HO NA LE DITATAISO TSE ITSENG, TSEO WENA JWALO KA PHOFU O LOKELANG HO DI LATELA, TSE KA EKETSANG MONYETLA WA HAO WA HO PHOLOSWA, MME TSA THEOSA KOTSI YA HO TLONTLOLLWA, HO SE TSHWAREHE HANTLE LE HO SE LEMALE. TSONA KE TSENA TSE LATELANG:-
TSEBA SEO O KA SE LEBELLANG HA O LE PHOFU
Batho ba kwetelwang kapa ba bang diphofu tsa ho haejekwa, hangata ba tshwenyeha moyeng, ba be le letshoho, ba se ke ba kgolwa se etsahalang hape ba ferekane maikutlo.
Ntho ya pele e etswang ke batho bana, hangata e ba ho itwanela, mme hona ho ka ba kotsi haholo.
Itokisetse ho ba mong le ho arohana le ba lelapa leno, metswalle kapa bao o ba ratang.
Ho ka nna ha etsahala hore o se ke wa tseba le hore ke nako mang kapa o sebakeng sefe.
TSEBA SEO O LOKELANG HO SE LEBELLA HO TSWA HO BAKWETEDI
E ka nna ba le bona ba tshohile, ha ba iketla; mme
Ba ka bonahala ba etsa dintho ka ho di feteletsa.
DINTHO TSEO O KA DI ETSANG
Etsa dintho tsohle tseo bakwetedi ba ho bolellang hore o di etse, mme o latele ditaelo tsa bona.
Leka, ka dinako tsohle, ho boloka motlotlo, seriti le boitlhompho ba hao.
Boloka kelello ya hao e hlakile mme e le mafolofolo ka ho bapala dipapadi tse itseng ka kelellong, o lore feela motshehare, mme o bale seo o se nehwang.
Bakeng sa ho boloka matla a mmele wa hao, o lokela ho ja dijo tseo o di nehwang ke motho kapa batho ba ho kwetetseng.
Leka ho iketsa e ka o qabolwa ke seo ba se buwang.
Leka ho shebisisa metsamao, nqa tseo ba leng ka ho tsona, nako le sebaka.
Leka ho itshwara jwalo ka tlwaelo mme o dule o shahlile, ha mabaka a dumela.
Dumela ho etellwa pele ke motho kapa batho ba ho kwetetseng.
Kgutsa mme o phutholohe.
Paqama fatshe mme o dule o le moo fatshe ha ho ka ba le phutuhelo ya ho o pholosa.
DINTHO TSEO O SA LOKELANG HO DI ETSA
O se ke wa bontsha hore o tshohile kapa wa tswa taolong
O se ke wa itwanela, wa ba le manganga kapa wa halefa.
O se ke wa tshosa kapa wa bua ho hong ho tla halefisa motho kapa batho ba ho kwetetseng.
O se ke wa leka ho iketsa mohale.
O se ke wa ngangisana le motho kapa batho ba ho kwetetseng.
O se ke wa ba le dipuisano dife kapa dife tsa ho seba.
O se ke wa sebedisa mehopolo kapa dipuo tsa dinaheng tsa ka ntle, ka ha hona ho ka baka pelaelo e itseng.
O se ke wa kopa letho.
O se ke wa ba le kutlwelo ya seo motho kapa batho ba ho kwetetseng ba se tsekang.
O se ke wa leka ho baleha, hobane hoo ho ka ho beha kotsing e kgolo.
DIKELETSO TSENA TSA POLOKEHO DI HLAHISITSWE KE BA DITSHEBELETSO TSA SEPONESA SA AFRIKA BORWA, LEKALA LA THIBELO YA BONOKWANE, BA DITSHEBELETSO TSA MAPONESA A BONAHALANG HOHLE, BA DITSHEBELETSO TSA TSHEHETSO TSA YUNIFOMO E KGETHEHILENG, TSHEHETSONG YA DIKETSO TSE NKUWANG KE BABUELLI LEBITSONG LA BATHO BA KWETETSWENG, MME HONA BA HO ETSA MOLEMONG WA MERABE YA RONA.
SEPHEO SA RONA KE HO LE BONA LE BOLOKEHILE?
